Skip Ribbon Commands
Skip to main content
Skip Navigation LinksHome>Our Company>PAIA>Sesotho - Part 1
Sesotho - Part 1
Guide to requesting information from Eskom Link to Promotion of Access to Information Act (Act 2,2000) 
(Government Website)

Manuals

 

Please note, when using the On line Request Forms:

If you do not receive any electronic reply within 2 days

contact Eddie Laubscher 

Tel: +27 11 655 2130

Fax: 0866679952

Contact details/addresses Request Form                   Print          On line
Internal Appeal Form        Print          On line

 

ESKOM HOLDINGS LIMITED

Manuale ho ya ka karolo 4 ya Phahamiso ya Phihlello ya tlhahisoleseding Nom  ya 2 ya Molao wa 2000 

         (Manuale o tswelapele ho Karolo 2)

SELELEKELA

Hore e nehelane ka tlhahlobo e lekaneng le e utlwahalang ka boemo ba yona, Eskom ka ho tswelapele e tsitlallela ho etsa bonnete ba hore tlaleho ya yona le ho itshenola ha yona ho di-stakeholders ho loketse, ho hlakile mme ho ya sebetsa. Phahamiso ya Phihlello ya tlhahisoleseding Nom ya 2 ya Molao wa 2000 e entswe ho fana ka phello tokelong ya phihlello ya tlhahisoleseding jwalo kaha e bolokilwe ho Molaomotheo. Eskom e tadima sena e se taba feela ya ho boloka molao, empa e le monyetla wa ho sebetsana le tsamaiso ya tlhahisoleseding ka botlalo le ka bonngwe.

Eskom e phahamisa haholo moetlo wa kgothalletso ya ponaletso le boikarabelo mme e tla tswelapele ho sebedisa melaometheo e leng pepeneneng, botshepehi, ho jara boikarabelo le ho ikarabella ho di-stakeholders.

Eskom e hlokomela hore tsamaiso ya khampani ke sebaka se daenamiki mme ka baka la seo, disistimi tsa yona tsa tsamaiso ya khampani di hlahlojwa botjha ka ho tswelangpele ho etsa bonnete ba hore ba ipoloka ba le boemong bo tswileng matsoho mme e tswelapele ho ba e loketseng kgwebo ya Eskom ha e ntse e hola. E ipapisa le Protocol of Corporate Governance in the Public Sector (1997), Public Finance Management Act of 1999 ("the PFMA") le King II Report on Corporate Governance (2001).

Manuale ona wa Eskom o tsamaisana le Phahamiso ya Phihlello ya tlhahisoleseding Nom ya 2 ya Molao wa (2000) mme ke tshepa hore e tla le thusa ha le etsa kopo ya tlhahisoleseding ho tswa ho Eskom.

Dr Steve Lennon
Molaodi wa Sehlopha Kgwebo e Tshwarellang

Back to Top

KENYELLETSO

Phahamiso ya Phihlello ya tlhahisoleseding Nom ya 2 ya Molao wa 2000 e entswe ho hodisa moetlo wa ho se pate letho le ho jara boikarabelo ba dihlopha tsa batho bohle le tsa botho ka ho fana ka phello tokelong ya phihlello ya tlhahisoleseding jwalo kaha e bolokilwe ho molaomotheo.

Molao o bopa mekgwa-tshebetso ya boithaopo le e tlamang ho fana ka phello ya tokelo ya molaomotheo ya ho fumana tlhahisoleseding ka mokgwa o etsang hore batho ba fumane direkoto tsa dihlopha tsa batho bohle ka pele, ka tsela e sa jeng tjhelete e ngata le e sa kgathatseng kamoo ho ka kgonehang.

Ha o ka ba le bothata ba ho sebedisa tataiso ena o se ke wa tsilatsila ho ikopanya le Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding (sheba listi) e sebetsang haholo kopong ya hao bakeng sa tshehetso.

Kopo ya tlhahisoleseding

Kopo ya tlhahisoleseding e ka etswa ka Imeili kapa o ka sebedisa mokgwa o mong,

1. Hatisa foromo ya kopo e loketseng e fumanehang le ho Inthanete (dikhopi tse eketsehileng di ka fumanwa ho enngwe ya diaterese tse ka tlase).

2. Tlatsa dibaka kaofela tse leng foromong ya ho etsa kopo kapa ngola hape boitsebiso ho Imeili.

3. Romela kopo ya hao ho e nngwe ya di aterese tse latelang:

 

Aterese ya Poso

Aterese ya Lapeng

National Deputy Information Officer
(Attention: Eddie Laubscher)
Private Bag X 13
Halfway House
1685

Eskom Exhibition & Convention Centre
Dale Road
Halfway House
1685

Imeili

Fekse:

PAIA@eskom.co.za  

Attention: National Deputy Information Officer
ESKOM HOLDINGS LIMITED
Nomoro ya Fekse: 0866679952

 

4. Eskom e tla araba pele matsatsi a 30 a feta ho o tsebisa haeba tlhahisoleseding ya hao e ya fumaneha le hore o ka e fumana jwang le hore o ka e fumana ho kae.

5. Maemong a mang, o ka kotjwa ho lefa dipositi ho Eskom, pele rekoto yeo o entseng kopo ya yona e ka fumaneha ho wena. E tla ba feela ka mora hore o lefe dipositi ha Eskom e tla qala ho batla tlhahisoleseding e hlokahalang.

6. Ka mora ho fumana tjhelete, Eskom e ka nna ya o senolela direkoto ka fomete yeo o e kopileng ha o romela foromo ya kopo, kapa ka fomete yeo direkoto di leng ka yona, haeba fomete e kopilweng e sa fumanehe.

Dinoutso tsa mekgwa-tshebetso ya kopo 

  • Ka kopo hlokomela hore ho ka re thusa, ho phethahatsa kopo ya hao, haeba o tsamaisana le mekgwa-tshebetso jwalo kaha e boletswe kenyeletsong ya tokomane ena.
  • Ka hoo o kgothaletswa ho sebedisa foromo ya ho etsa kopo e tlwaelehileng e sebediswang ke Dihlopha tsa Setjhaba ha o romela kopo ya hao.
  • Ka kopo o se ke wa tsilatsila ho ikopanya le rona ho e nngwe ya diaterese tse ka hodimo haeba ho le thata ho tlatsa foromo ya rona ya ho etsa kopo.
  • Ka kopo etsa bonnete ba hore o bontsha boemo ba hao kapa thaetlele ya hao ka hara mokgatlo o o sebeletsang, ho re thusa ho tsamaisa kopo ya hao.
  • Haeba o kopa tlhahisoleseding lebitsong la motho e mong, ka kopo bontsha hore le amana jwang le motho yeo kapa mokgatlo, hore re se ke ra o hanela ka phihlello motheong wa hore tlhahisoleseding yeo ke lekunutu la motho.
  • Ka kopo etsa bonnete ba hore o hlahisa fomete ya rekoto yeo o entseng kopo ya yona ha o etsa kopo ya hao hore re tsebe ho fana ka thuso e feletseng ho wena.
  • Haeba o le motho ya holofetseng kapa haeba o sa kgone ho bala le ho ngola, ka kopo ikopanye le Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding ya leng teng ya tla ho thusa ho tlatsa kopo ya hao, hape le ho romela ho wena khopi e ngotsweng ya kopo.

Back to Top

 Motlatsi wa Diofisiri tsa Tlhahisoleseding wa Eskom le Diofisiri tsa Tlhahisoleseding ya Kgwebo e Amanang

 

Ho ya ka Molao, Molaodi ya ka Sehloohong wa Eskom ke Ofisiri ya tlhahisoleseding bakeng sa Eskom, leha ho le jwalo, o dumeletswe ho beha motho e mong ho mo tshehetsa mosebetsing oo. Molaodi ya ka Sehloohong wa Eskom, Brian Dames o kgethile Mohokahanyi wa Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding, Mohamed Adam ho mo tshehetsa ho ya ka Molao. Ka hodima moo o kgethile Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding wa Setjhaba le Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding ho tswa karolong ka nngwe ya tsamaiso ka hare ho Eskom ho sebetsana le dikopo tse itseng ka ho kgetheha ka hare ho di-divishini. Ha o etsa kopo e lebise ho Ofisiri ya Tlhahisoleseding. Leha ho le jwalo, haeba o lakatsa ho kopana le Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding wa Setjhaba bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng ho PAIA, o lokolohile ho etsa jwalo.

Mohokahanyi wa Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding

Lebitso

Divishini / Khampani

Nom ya Mohala

Imeili

Mohamed Adam 

Regulatory and Legal

(011)800-6076 

AdamM@eskom.co.za 

 

Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding wa Setjhaba

Lebitso

Divishini / Khampani

Nom ya Mohala.

Nom ya Fekse

Imeili

Eddie Laubscher 

Corporate Services Division

(011) 655-2130

0866679952

eddie.laubscher@eskom.co.za

 

Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding

Lebitso

Divishini / Khampani

Nom ya Mohala.

Nom ya Fekse

Imeili

Jacob Buys

Corporate Finance Division

(011)800-4703

(011)800-3045

jacob.buys@eskom.co.za 

Dawn Jackson

Corporate Secretariat

(011)800-3392

(011)800-4212

dawn.jackson@eskom.co.za  

Eddie Laubscher 

Regulation & Legal Division

(011) 655-2130

0866679952

eddie.laubscher@eskom.co.za

Ohna Smit

Transmission Division
(Key Sales and le Customer)

(021)915-2608

(021)915-2623

ohna.smit@eskom.co.za       

Ntokozo Mngoma

Eskom Finance Company

(011) 800-2595

(011) 800-4636 

ntokozo.mngoma@eskom.co.za

Andrew Anderson

Escap & Gallium

(011) 800-2669

(011) 800-2028

andrew.anderson@eskom.co.za

Lolo Raphadu

Eskom Development Foundation

(011) 800-4480

(011) 800-2246

lolo.raphadu@eskom.co.za  

Christo Olivier

Nuclear

(021) 550 4980

(021) 550 5400

OlivierC@eskom.co.za

Back to Top

SEEMO LE TSHEBETSO YA ESKOM

Dihlahiswa tse kgolo le ditshebeletso

Eskom ke tshebetso e fehlang motlakase, e tsamaisa le ho abelana ka motlakase.

Eskom e fehla 95% ya motlakase o sebediswang Afrika Borwa.

Dikhampani tsa Eskom, kgwebo ya Eskom ka ho feletseng, mmoho le dikgwebo tsa yona, e sebetsa e le tsela yeo mesebetsi kaofela ya Eskom e sa behwang leihlo, e sebetsang ka teng, ka hare le ka ntle ho naha ya Afrika Borwa. Kgwebo e ka sehloohong ya Dikhampani tsa Eskom ke ho ntshetsapele dikaho, mesebetsi ya kgwebo ya matla a motlakase, ditshebeletso tsa matla a motlakase tse ikgethang le ho latella menyetla e amanang kapa maano a dikgwebo, jwalo ka theknoloji ya tlhahisoleseding le dipuisano tsa mohala.

Dinaha tseo ho sebeletswang ho tsona

Mesebetsi ya Eskom e etswa Afrika Borwa. Dikhampani tsa Eskom di na le mesebetsi kontinenteng ya Afrika, ntlo kgolo ya yona e Johannesburg, Afrika Borwa, mme diofisi tse ding di Uganda, Nigeria le Mali.

Thuo

Thuo ya Eskom e beilwe ho mmuso wa Afrika Borwa.

Boemo ba dimmaraka le bareki ba sebeletswang

Motlakase o rekisetswa di indasteri, dikgwebo, tsa temo le bareki ba malapeng le ba abelanang ka motlakase.

Sekala sa Ditshebetso

Eskom, melemo ya motlakase wa Africa Borwa, e mahareng a melemo e supileng lefatsheng mabapi le phepelo ya motlakase, mme mabapi le tsa thekiso e mahareng a dikhampani tse robong tse ipabolang ho tsa thekiso.

Dipalopalo tse mabapi le tsa thekiso ka naha/lebatowa

Bongata ba dithekiso di Afrika Borwa, mme persente e nyane e mabatoweng a dinaheng tse leng borwa ba Afrika.

Tlhahisoleseding e eketsehileng ka ikonomi, tikoloho le dikarolo tsa phedisano

Eskom e ikemiseditse ho ipapisa le mehato ya tlaleho ya matjhaba ya ho itlhokomela. Tlhahisoleseding e eketsehileng ya tikoloho le tsa phedisano e fumaneha websaeteng ya Eskom.

Back to Top

Ditho tsa Boroto ya Balaodi ba Kgwebo ya Eskphedisano

 

(View in "Leadership" area of the site)

Back to Top



 

Executive Management Committee (Exco)

BAKGANNI BA HLAHELLETSENG BA TATAISANG

(View in "Leadership" area of the site)

DIKETAPELE TSA TSHUPISO
Sepheo, ditumelo le maikemisetso a merero
Sepheo sa morero wa Eskom wa selemo le selemo ke ho rala tsela ya merero le tshebetso ya Eskom le ho hlahisa merero e hlokehang ya ditjhelete, tshebetso le mehlodi ho tshehetsa tsela ena. Kahoo, morero wa khamphani eba tokomane ya tshebedisanommoho e tla sekasekwa ke baamehi ba Eskom. Morero wa moraorao o shebana le nako ya dilemo tse nne ho tloha la 1 Mmesa 2014 ho isa la 31 Hlakubele 2018 mme tsepamiso e hodima morero wa Eskom mabapi le tikoloho ya yona e fetohang.
 
Sepheo sa bobedi sa morero wa khamphani ke ho latela ditlhoko tsa karolo ya 52 ya Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba (PFMA) hammoho le karolo ya 29 ya melawana ya Lefapha la Matlotlo a Setjhaba, le ho tshehetsa melawana ya kahare ya Eskom. Morero o kopantsweng wa khamphani le dihlomathiso tsohle tsa ona o fanwa ho Lefapha la Dikgwebo tsa Mmuso (DPE) le Lefapha la Matlotlo a Setjhaba selemo le selemo ka Hlakola.
 
Dipakane tse bontshitsweng tlalehong e kopaneng bakeng sa 2013/14 ke tse amohetsweng morerong wa khamphani wa dilemo tse hlano o neng o shebane le 2013/14 ho isa 2017/18. Dipakane tsa 2017/18 ke tse bontshitsweng ho morero wa khamphani wa hona jwale ya dilemo tse nne o nehelanweng ho DPE le Lefapha la Matlotlo a Setjhaba ka la 28 Hlakola 2014. Sepheo sa Eskom, ditumelo le maikemisetso a merero di ntse di tsamaellana mererong ya 2013/14 le ya 2014/15.
 
Sepheo sa Eskom, ditumelo le maikemisetso a merero



 

Sepheo
 
Sepheo sa Eskom ke ho fana ka dikarabelo tsa nako e telele tsa motlakase ho thusa moruo hore o hole le ho ntlafatsa boemo ba maphelo a batho ba Afrika Borwa le boahisaneng.
 
 
 
Maikemisetso a merero
 
 
Eskom e ikamahantse le maikemisetso a robedi a merero. Dipheo tsena di supisa Eskom tsela ya ho sebeletsa merero, pono le ditumelo tsa yona. Di netefatswa selemo le selemo jwalo ka karolo ya mokgwatshebetso wa morero wa khamphani.
 
Ho ba khamphani ya tshebetso ya maemo a hodimo
 
Eskom e ntshetsapele phetoho ya yona ya ho ba khamphani ya phehlo ya motlakase ya maemo a hodimo e shebane haholo le tshebeletso ya bareki; tshebetso e bolokehileng ho feta, e ntle hape e potlakileng ya metjhini ya yona ka tlhokomelo e hlokolosi ya metjhini; ho phahamisa talente ya bohlokwa; le ho netafatsa hore re malala a laotswe bakeng sa diketsahalo tse kgolo tsa tshitiso. Lenaneo la tlhahiso kgwebong le hlwaya le ho fedisa ditshenyo kgwebong ho thusa Eskom hore e laole ditefo le tjhelete ya yona hantle ho feta.
 
Ho etella pele le ho sebetsa mmoho ho boloka mabone a bonesitse
 
Eskom e ikemiseditse ho boloka mabone a bonisitse mme ka nako e le nngwe e boloke motheo o tsitsitseng bakeng sa ditshebetso tsa nako e telele. Sena se tla etswa ka ho etella pele le ho sebetsa mmoho le baamehi bohle ba bohlokwa, ho kenyelletswa batho ba Afrika Borwa, ka morero o phethahetseng wa tsamaiso wa phano-le-patlo.
 
Ho fokotsa tsela eo Eskom e amang tikoloho ka yona le ho latela kgolo ya tshebediso e tlase ya khabone
 
Eskom e ikemiseditse ho fokotsa tsela eo e amang tikoloho le ho sebedisa khabone ka yona le ho thusa Afrika Borwa ho fihlela dipakane tsa yona tsa poloko ya tikoloho ka ho fetohela tshebedisong ya motlakase o hlwekileng le ho fokotsa khabone e kenang tikolohong le metsi ao e a sebedisang le ho netefatsa tatello e phethahetseng ya molao wa tikoloho. Ho feta moo, Eskom e tlameha ho ikatametsa ho tikoloho e fetohang ka lebaka la kameho e lerootho ya phetoho ya maemo a lehodimo a behang kgatello hodima mehlodi le meaho ya yona.
 
Ho netefatsa ditlhoko tsa nako e tlang tsa mehlodi
 
Eskom e tlameha ho sebetsa mmoho le barekisi le balaodi ho netefatsa hore e na le mehlodi e kenyelletsang naha, mashala, dibeso tsa mokedikedi, uraniamo le metsi ao e a hlokang bakeng sa disebediswa tse teng hona jwale le tse ntjha tse fehlang motlakase hore e sebetse.
 
Ho kenya leano la ho hulwa ha mashala le phetolelo ya ho tloha ho tsamaiso ka mebila ho ya seporong
 
Eskom e tla tswelapele ho fokotsa palo ya diteraka tsa mashala tse mebileng le ho kenya letsoho tshireletsehong ya phepelo ya mashala ka ho tloha ho tsamaiso ya mashala ka mebila hore e tsamaiswe ka seporo. Sepheo ke ho fokotsa theko ya ho tsamaisa mashala le ho ntlafatsa rekote ya polokeho ya batsamaisi ba mashala.
 
Ho lelekisa bonkakarolo ba dikhamphani tsa poraefete.
 
Eskom e sebetsa jwalo ka sepotlakisi sa bonkakarolo ba dikhamphani tsa poraefete Afrika Borwa ho netefatsa tshireletseho ya phepelo bakeng sa Afrika Borwa.
 
Phetoho (ho kenyelletswa lenaneo la tlhahiso kgwebong)
 
Eskom e qadile lenaneo la phetoho ho shebana le diphepetso tsa naha le tsa kahare ho naha ka ho sebedisa lenaneo la keketso ya tshebetso le tjhelete e sebediswang ke khamphani ho fokotsa tlhokeho ya mesebetsi, ho ntlafatsa palo ya batho ba nang le bokgoni le ho eketsa tekatekano ya moruo le ya sebakeng sa tshebetso. Lenaneo lena la phetoho le tshehetswa ke merero ya ntshetsopele ya mmuso.
 
Eskom e sebetsana le diphepetso tse akaretsang tseo e shebaneng le tsona ka lenaneo la tlhahiso kgwebong le rerileng ho netefatsa kgwebo ya nako e telele leha ho na le mathata a ditjhelete.
 
Ho netefatsa tsitlalleho ya ditjhelete tsa Eskom
 
Eskom e ntse e tsepame hodima ho fetola kgwebo hore e fihlelle tsitlalleho le tshebediso e ntle ya tjhelete ka ho fumana tekatekano pakeng tsa ho fokotsa ditshenyehelo moo ho hlokehang le mehlodi e meraro ya tjhelete: boleng ba dishere, sekoloto le lekeno. Sena se tla qetella se kenyelletsa ditheko tsa motlakase ho fumana ditefiso tse bontshang ditshenyehelo nakong e tlang le ho boloka boemo bo tshehetsang ba dikgahla bo bolokang phihlello ya ditjhelete hammoho le ho fokotsa theko ya tsona.
 
Sehokelo pakeng tsa maikemisetso a merero ya Eskom le “dikhaphithale tse tsheletseng”
 
Dikhaphithale, jwalo kaha di hlalositswe moralong wa tlaleho e kopaneng ke “disetoko tsa boleng” tse eketswang, tse fokotswang kapa tse fetolwang ka mesebetsi le ditlhahiso tsa kgwebo.
 
Bakeng sa moralo wa tlaleho e kopaneng, dikhaphithale tse tsheletseng di hlophiswa le ho hlaloswa ka mokgwa o latelang:
Khaphithale ya tjhelete – Ditjhelete tse fumanehang ho khamphani bakeng sa tlhahiso ya thepa kapa phano ya ditshebeletso
Khaphithale e hlahisitsweng – Dintho tse entsweng tse tshwarehang (ka ho fapana le dintho tsa tlhaho tse tshwarehang tse fumanehang ho khamphani bakeng sa tlhahiso ya thepa kapa phano ya ditshebeletso. Khaphithale e hlahisitsweng kgafetsa e entswe ke khampani tse ding, empa e kenyelletsa thepa e entsweng ke khamphani e tlalehang bakeng sa thekiso kapa ha di bolokwa hore di sebediswe ke yona
Khaphithale ya kelello Dintho tse sa tshwareheng, tse thehilweng hodima tsebo
Khaphithale ya batho Bokgoni ba batho, ditsebo le boiphihlelo, le dikgothaletso tsa bona tsa ho qapa
Khaphithale ya phedisano le kamano – Ditsi le dikamano tse kahare le dipakeng tsa ditjhaba, dihlopha tsa baamehi le dinetweke tse ding, le bokgoni ba ho arolelana tlhahisoleseding ho ntlafatsa bophelo ba motho ka mong le ba dihlopha tsa batho
Khaphithale ya tlhaho Mehlodi le ditshebetso tsohle tse ntjhafetsehang le tse sa ntjhafatseheng tse fanang ka thepa le ditshebeletso tse tshehetsang nala e fetileng, ya hajwale le ya nako e tlang ya khamphani
 
Tafole e ka tlase ke sesupo sa hore na dikhaphithale tse tsheletseng di angwa ke maikemisetso a merero ya Eskom jwang. Ho a bonahala ka sena hore maikemisetso a merero ya Eskom a kenelletse mme a shebane le dikarolo tsohle tsa kgwebo ya yona le boleng boo a di thehang ha nako e ntse e ya.
Six capitals
Financial
capital
Manufac-
tured
capital
Intellec-
tual capital
Human
capital
Social and
relation-
ship capital
Natural
capital
Becoming a high-performance organisation
Tick Tick Tick Tick Tick Tick Tick
Leading and partnering to keep the lights on
Tick Tick Tick Tick Tick Tick
Reducing Eskom’s environmental footprint and pursuing low-carbon growth
Tick Tick Tick Tick Tick Tick
Securing future resource requirements
Tick Tick Tick Tick
Implementing coal haulage and the road-to-rail migration plan
Tick Tick Tick
Pursuing private-sector participation
Tick Tick Tick Tick
Transformation (including the business productivity programme)
Tick Tick Tick Tick
Ensuring financial sustainability
Tick Tick Tick Tick Tick Tick
 
 
 
 
​​
Dikhaphithale tse tsheletseng
 
 
 
 
 
 
 
 
 
 
Khaphithale  ya ditjhelete
Khaphithale e entsweng
Khaphithale ya kelello
Khaphithale ya batho
Khaphithale ya phedisao led dikamano
Khaphithale  ya tlhaho
Maikemisetso
a Mereroo
 
Ho ba khamphani ya tshebetso ya maemo a hodimo
 
 
 
 
 
 
 
 
 
Ho etella pele le ho sebetsa mmoho ho boloka mabone a bonesitse
 
 
 
 
 
 
 
 
 
Ho fokotsa tsela eo Eskom e amang tikoloho ka yona le ho latela kgolo ya tshebediso e tlase ya khabone.
 
 
 
 
 
 
 
 
 
Ho netefatsa ditlhoko tsa nako e tlang tsa mehlodi
 
 
 
 
 
 
 
 
 
Ho kenya leano la ho hulwa ha mashala le phetolelo ya ho tloha ho tsamaiso ka mebila ho ya seporong
 
 
 
 
 
 
 
 
 
Ho lelekisa bonkakarolo ba dikhamphani tsa poraefete
 
 
 
 
 
 
 
 
 
Phetoho (ho kenyelletswa lenaneo la tlhahiso kgwebong)
 
 
 
 
 
 
 
 
 
Ho netefatsa tsitlalleho ya ditjhelete
 
 
 
 
 
 
 
 
Dithekisetsano
Bongata bo fetang tekano kapa bo ka tlase ho tekano ha mehlodi e hlokahalang bakeng sa mesebetsi ya motheo kapa ditshebeletso tse tshehetsang ho ka ama tsohle tse ding. Eskom e dula e lekola le ho laola ditheko le melemo ya dithekisetsano tsa bohlokwa pakeng tsa mehlodi ya yona e hlokwang ho netefatsa hore mesebetsi ya yona e nepahetse hape e tshwarella nako e telele. Tse latelang ke mehlala ya dithekisetsano tseo Eskom e shebaneng le tsona hajwale:
Dizele e tsamaisang di-open-cycle gas turbine e netefatsa tshireletseho ya phepelo nakong e kgutshwane, empa e thefula boteng ba ditjhelete tsa Eskom sebakeng sa nako e telele.
Morero wa nako e telele wa lefapha le Phehlo la Eskom o bohlokwa ho ntlafatsa bophelo ba metjhini le tshepeho ya yona bakeng sa nako e telele mme kahoo o ntlafatsa tshireletseho ya phepelo. Bakeng sa nako e kgutshwane, ditukiso tse rerilweng di tlameha ho lekalekangwa le sistimi e tiileng ya motlakase le meedi ya ditjhelete. Ka ho fapana, ho se etse ditukiso tse lekaneng ho thefula tshebetso ya metjhini, hape ho eketsa le kgonahalo ya menyetla ya ho timelwa motlakase nakwana
Ho kopa bareki hore ba fokotse tshebediso ya bona ya motlakase ho thusa Eskom hore e kgone ho fepela bohle, empa ho thefula ditjhelete tse kenang ho Eskom ka lebaka la dithekiso tse fokotsehileng
Mashala ke mohlodi wa dibeso o batlang o le theko e tlase, empa a theko e hodimo tikolohong, hape a kenya letsoho ho thefuleng motjha wa phepelo o seng o fokola, ka mohlala tshebediso ya dipalangwang tsa mebileng le mathata a dimmaene hammoho le diketshalo tse mpe tsa maemo a lehodimo

 

 

 

 

Back to Top

MESEBETSI E KA SEHLOOHONG YA KGWEBO
Eskom e arola kgwebo ya yona ka dibaka tseo tse amanang le mesebetsi e ka sehloohong e leng ho fepela motlakase le tshebetso ya kgwebo ya yona yeo e seng ka sehloohong e leng ho fana ka ditshebeletso tse mabapi le tshebediso ya motlakase.

Kgwebo e ka sehloohong

Ho tshehetsa dikgwebo

 Mebaraka

Motlakase

  • Ho fehla motlakase
  • Phetisetso  
  • Thekiso
  • Kabo 

 

  • Di-indasteri tsa Rotek le ho tshehetsa dikgwebo tse ding
  • Lefapha la Kgodiso ya Moruo
  • Lefapha la Ntshetsopele ya Diporojeke
  • Ditshebeletso tsa Botegniki

 

  • Afrika Borwa 
  • SADC
  • Africa e hokahane le SA grid
  • Afrika ka Bophara

 

DINTLHA TSA BOHLOKWA TSA ESKOM

Mesebetsi ya kgwebo ya Eskom

Kgwebo ya Eskom e akaretsa ketane ya boleng ba motlakase kaofela ho tloha ho kaho ya meaho ya motlakase ho ya ho tshebetso le ho lokiswa ha dibaka tsena le thekiso ya motlakase oo ba fanang ka ona. 

Ditaba tsa matheriale le dikotsi tse akareditsweng leveleng e phahameng di hlakisitswe ketaneng ya boleng, e kopanyeletsang dintlha tsena tsa motheo:

  • Kaho (e tsamaiswa ke mesebetsi ya tshebeletso)
  • Matla a motlakase a ka sehloohong (e tsamaiswa ke mesebetsi ya tshebeletso) 
  • Ho fehla motlakase
  • Phetisetso le kabo ya motlakase
  • Tshebeletso ya bareki
  • Tshebetso le tshebetso ya maano ya ditaba tsa bohlokwa (ditaba tsa polokeho, bophelo bo botle, tikoloho le boleng di ile tsa buiwa ka tlasa karolo ena empa ke boikarabelo ba ketang ya boleng kaofela)
  • Tshebetso ya maemo a ditjhelete.

Ho fehla motlakase

Eskom e na le maikemisetso a ho tiiseha hore ha ho na ditshitiseho tse etsahalang ka baka la tlhokahalo ya polante. Ho finyella sena, Eskom e ikemiseditse ho ba bafehli ba motlakase ba leng maemong a lefatshe ka ho bontsha boikarabelo le ho ba teng ha disebediswa tsa yona tsa ho fehla motlakase, ka Energy Availability Factor (EAF) ya 90% e tshepisang.

Divishini ya Phetisetso

Phetisetso ke karolo ya tsamaiso ya phumano ya motlakase o fehlwang ke diteishene tsa matla a motlakase tsa Eskom ho ya kabong ya dineteweke le bareki. E kopanyeletsa mesebetsi ya ho lekanya phepelo le tlhokahalo ka nako ya sebele, thekiso ya matla a motlakase matjhabeng, le morero le tshebetso ya dithapo tsa motlakase tsa phetisetso di na le 28 995km ya dithapo tsa motlakase le diseteishene tse nyane tse153. 

Divishini ya Kabo

Maikemisetso a kabo ke ho sebetsa le ho hlokomela kabo ya dineteweke. Eskom e na le 47 509km ya dithapo tsa motlakase, 311 831km ya neteweke ya dithapo tsa motlakase le 11 415km ya dithapo tsa motlakase tse ka tlasa lefatshe Afrika Borwa, e emelang sistimi ya dithapo tsa motlakase e kgolo ka ho fetisisa Afrika.

Ho tloha ka 1991 Eskom e hokahantshe ka motlakase matlo a ka hodimo ho dimilione tse 4.2 kabong ya neteweke. Leano la ho phano ya motlakase e ne e le ho hokela bareki ba bangata ka moo ho ka kgonehang ka thuso ya ditjhelete e fumanehang (mokgwa wa ditjeo tse tlasana). Leano la neteweke le shebile haholo ho ikokobeletsa minimamo ya ditlhokahalo tse laolang mme e seng ka ho tswelopela ka tlhokahalo ya phepelo.

Mokgwa ona o bile le maphomela a phetisetso e nyane ya radiale e nkileng nako le dithapo tsa motlakase tsa kabo tse fepelang bareki ba bangata ka dikgetho tse ding tse mmalwa tsa ho fepela maemong ao ho nang le ditshitiso. Dineteweke tsa kabo di bonahala ka:

  • Bolelele bo tlwaelehileng ba phepelo e ka hodimo ho 100km (tse ding di ka ba le bolelele bo ka bang 300km)
  • Palo e kgolo ya bareki (maemong a mang ba ka hodimo ho 10 000) phepelo ka nngwe.
  • Ponahalo ya neteweke e tlase, e lekanyetsang taolo ya remoutu ya disebediswa tsa ho switjha.

Tshebeletso ya sehlopha sa bareki

Ho ntlafatsa tshebeletso ya bareki le ponahalo ya yona setjhabeng Eskom e entse divishini ya Tshebeletso ya Bareki ya Sehlopha. E ikemiseditse ho beha bareki bohareng ba kgwebo ya Eskom le ho etsa bonnete ba hore ba ba le boikarabelo le bolaodi ba kamano bakeng sa bareki kaofela. Ho fihla mothating ona, e theile setsi sa tshebeletso ya bareki bakeng sa bokgabane, ka diyuniti tsa tshebetso e hlophisehileng le ho laola kotsi ya botumo.

Divishini hape e kenyelletsa le ditlhokahalo kaofela tse kopaneng tsa taolo ya bokgoni ba boqaphi e etswang ke khampani.

Kaho

Ho tloha ka 2005, Eskom e nka karolo lenanehong la katoloso le leholo ho eketsa phepelo ya motlakase ya Afrika Borwa le bokgoni ba phetisetso ho finyella ditlhoko tsa holang tsa matla a motlakase. Kakaretso ya ditjeo tsa mokgahlelo ona wa lenaneho la 2018/19 e akangwa ho ba dibilione tse R340 (ho sa balwe ditjeo tsa tjhelete e kadimilweng). Ha e phethilwe, bahlahisi ba babedi, ba diseteishene tsa matla a motlakase e leng Kusile le Medupi, e tla ba dipolante tsa motlakase tse sebedisang mashala tse kgolo ka ho fetisisa tse leng boemong ba boraro le ba bone ka boholo lefatsheng.  Ka hodima bokgoni ba tshebediso ya tjhelete, Eskom e na le tjhelete ya bohlokwa e sebediswang ho lokisa, tlhokomelo le ho matlafatsa polante ya tshebetso ya hona jwale e batlileng e fihla ho dibilione tse R19 bakeng sa selemo sa hona jwale.

Matla a motlakase a bohlokwa haholo

Eskom e hloka ho fana le ho fumana disebediswa tsa matla a motlakase tsa bohlokwa tse lekaneng (mashala, metsi, uraniamo, sorbent le biomass) tsa boleng bo hlokahalang, ka nako le ka ditjeo tse tlasana bakeng sa hore diteishene tsa motlakase tsa yona di sebetse.

Mesebetsi ya tshebeletso:

Human resource (divishini e sebetsanang le ditaba tsa bareki)

Ho ba mohlokomedi taolo ka hare ho Eskom, Human Resources (HR) e laetswe ho sebedisana le ho matlafatsa balaodi ho thaotha, ho ntshetsapele le ho boloka basebeletsi ba nang le bokgoni, ba nang le boitlamo, ba nkang karolo le ba nang le boikarabelo ba leng hohle le Eskom. HR e ikemiseditse ho aha bokgoni e seng ka hare ho Eskom feela empa hape le bakeng sa setjhaba seo Eskom e sebetsang ho sona. Sena se etswa ho tshehetsa maikemisetso a Eskom le mosebetsi wa yona wa ho hodisa ikonomi le ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batho ba Afrika Borwa le lebatoweng, jwalo kaha e bontshitswe Tseleng ya Kgolo e Ntjha.

Maemo a ditjhelete

Ho fana ka leano la ditjhelete, dipholisi, tshepiso le ditshebeletso tsa leano la ditjhelete  (ho kopanyeletsa le tsa matlotlo, ditshebeletso tse abelanwang, tlaleho ya kgwebo le taolo, lekgetho, hape le tlhahlobo ya tsa ditjhelete le ditshebeletso tsa dikeletso) ho Sehlopha sa Eskom.

Tjhelete ya Sehlopha

Ho etsa setsi sa bokgabane kabelong le ho beheng leihlo tshebediso ya tjhelete ho tswa leveleng ya sehlopha le ho rera, ntshetsopele, ho beha leihlo le ho qala ka mosebetsi wa diporojeke tse kgolo.

Theknoloji ya Sehlopha le Khomeshiale

Sehlopha sa Theknoloji se sa tswa thehwa le divishini ya Khomeshiale di na le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho beha leihlo, ho disa le ho qadisa ka mosebetsi wa boenjenere le ho fumaneng (ho kopanyeletsa le matla a motlakase a bohlokwa) mesebetsi ho rapalla le Eskom, hape le ho beha leihlo sehlopha sa dikhampani tsa  Eskom Enterprises SOC Limited

Maano a mesebetsi:

Ntshetsopele ya Khampani

Ka Hlakola 2012, Enterprise Development Group e ile ya thehwa jwalo ka leano la mosebetsi ha Eskom. Phetoho ena e fana ka monyetla o moholo ho kopanya le ho etsa dipotefolio tse nne tsa bohlokwa  Bolaodi ba Leano le Kotsi, Taolo le Molao, Dikamano tsa Kgwebo le Sehlopha sa IT ho tswa lehlakoreng la "ho ntshetsapele dikhampani. Bona ke bohato bo thahasellisang mme bo fana ka phephetso bokgoning ba rona ba ho etsa dintho le polatefomo e ntjha ho thusa ho etsa mosebetsi wa ntshetsopele ya Eskom.

Bolaodi ba Leano le Kotsi

Ho etela pele mokgwa o kopaneng wa leano la mokgatlo, bolaodi ba kotsi le leano la kgwebo ho etsa bonnete ba tshwarello le ho thinyetseha.

Leano le letjha la mokgatlo le potefolio ya bolaodi ba kotsi e ikemiseditse ho etsa bonnete ba hore Eskom e na le ntshetsopele ya leano le leng maemong a hodimo, kotsi le ho thinyetseha le tsamaiso ya leano la kgwebo le finyellang ditlhokahalo tsa di-stakeholders le ho ntlafatsa ka ho tswelapele tshebetso ya mokgatlo.

Divishini ena e ikemiseditse ho etsa sena ka ho aha potefoliyo e sebetsang haholo ya Bolaodi ba Leano le Kotsi e kopanyang ntshetsopele ya Leano la Mokgatlo, Leano la Kgwebo le Bolaodi ba Kotsi le Thinyetseho bokgoning ba ho tshehetsa qeto ya leano le kopaneng.

Taolo le tsa Molao

Divishini ya Taolo le tsa Molao e entswe ka boemo ba yona ba hona jwale qalong ya selemo sa ditjhelete e le karolo ya tlhahlobo ya leano. E na le molawana, molao, ho boloka molao, puso le mafapha a mongodi wa khampani. E kopanyelletsa le lefapha la tshepiso le forensiki ho fihlela kotareng ya ho qetela ya 2011. Mosebetsi wa mothusi wa ofisiri ya tlhahisoleseding mabapi le Phahamiso ya Phihlello ya Molao wa tlhahisoleseding o fuwe Molaodi wa Divishini mme disebediswa di laolwa ke lefapha la molao le ho boloka molao.

Divishini e etsa bonnete ba hore ho ba le puso e molemo, tshepiso le ho boloka molao ka pholisi ya hona jwale, taolo le boemo ba molao le tikoloho  ya molao o sebetsang.

Ditaba tsa Khampani

Ho etsa Eskom khampani ya motlakase e tswileng pele lefatsheng ka bophara e thinyetsehang, e nang le botumo bo botle, e tshepahalang, e hlomphuwang le e tshetjwang Afrika Borwa le lefatshe ka bophara ka baka la puisano e sebetsang le bolaodi ba di-stakeholder.

Ho nka karolo ha di-stakeholder tsa Eskom ho itshetlehile ka Tekanelo ya Bonkakarolo ba di-Stakeholders1. Eskom e itlameletse ho Melaometheo ya Boikarabelo ya AA1000 ya kopanyeletso, kelohloko le ho nka bohato ka potlako. Tsamaiso e susumetswa ke boitlamo ba Eskom ho United Nations Global Compact le King III.

NPC ya Motheo wa Ntshetsopele ya Eskom

The Eskom Development Foundation NPC (Motheo) e hokahanya le ho kenya tshebetsong maano a peheletso ya phedisano a kgwebo ya Eskom. E tshehetsa mananeo a ntshetsopele ya ikonomi ya tsa phedisano ka ho sebedisana le setjhaba seo Eskom e kenyang ho sona tshebetso ya mananeo a katoloso. Eskom hape e tshehetsa leano la puso la ntshetsopele ya bokgoni, ho etsa mesebetsi le ho fedisa bofuma.

Theknoloji ya Tlhahisoleseding ya Sehlopha

Information Technology (IT) ya Sehlopha e ikemiseditse ho etsa bonnete ba sistimi ya tlhahisoleseding e sebetsang le e sireletsehileng bakeng sa bolaodi bo sebetsang, le ho bila Bareki ba Eskom ka nepo le ka nako, le ho lefa ba kadimisang ka tjhelete le basebetsi ka nepo le ka nako, le phepelo le phetisetso ya matla a motlakase ka dithapo tsa motlakase tsa setjhaba.

Kgwebo e tshwarellang

Ho fana ka ditharollo tse etsang hore mosebetsi wa kgwebo o tshwarelle mme e etse hore di-stakeholders di e tshepe, ho kenya letsoho phetohong ya Eskom le Afrika Borwa. Sena se kenyeletsa:

  • Ho tiiseha ka sebaka sa mosebetsi se sireletsehileng bakeng sa basebetsi mme Zero harm e tlameletswe dikelellong tsa bona
  • Ho sireletsa tikoloho le ho fokotsa footprinti ya khabone
  • Patlisiso le teko ya ho tshehetsa mokgwa wa ho etsa dintho ka tsela e bolokang tjhelete, le e sireletsang tlaemete le e tswetseng pele ho fana ka matla a motlakase, ka mokgwa wa karabelo ya lefatshe ka bophara.
  • Ho kenya tshebetsong ketane ya boleng bo molemo
  • Ho boloka porofaele ya matjhaba ya Eskom, dikamano le kgokahano
  • E thusang ditokisetso le ho susumetswa ha indasteri ya matla a motlakase a ntjhafaditsweng Afrika Borwa.

Sehlopha sa Dikhampani

Eskom Enterprises SOC Ltd e boloka di divishini tse sa laolweng tse jwalo ka Eskom Aviation, Eskom Telecommunications, le PTM le peheletso ya tekano ho mesebetsi e meng ya kgwebo e sa laolweng. Pakane ya yona e kgolo ke ho tshehetsa Eskom Holdings le ho ba motshehetsi wa dikgwebo tse sa laolweng le ho fana ka ditshebeletso tsa leano le saekele ya bophelo ya khomeshiale ho dikgwebo tsa Eskom Holdings SOC Ltd.

Di-divishini tsa Eskom Enterprises SOC Ltd ho tloha ka 31 Hlakubele 2012 di kopanyelletsa:

  1. Eskom Telecomms: E fana ka tshebeletso tsa puisano ya mehala
  2. Eskom Aviation: E fana ka tshebeletso tsa difofane tsa mapheo a Dikolohang le a sa Dikoloheng
  3. PTM: E fana ka tshebeletso ya tshireletseho, taolo ya mehala le ho lekanya
  4. Labs: E fana ka Tshebeletso ya Laborathori

Ho nahanwa hore di divishini tsa khampani tse boletsweng ka hodimo le kgwebo ya tsona di kentswe yuniting ya dikgwebo tsa Eskom Holdings SOC Ltd nakong ya selemo sa ditjhelete se felang ka 31 Hlakubele 2013.

Dikhampani tsa Eskom e tla ba khampani ya ho beheletsa ka dipeheletso tse latelang tsa tekano ho tloha ka 31 Hlakubele 2012:

Rotek Industries SOC Ltd ​
  • Khamphani ya boenjineri, kaho le phano ya thepa e nang le dikarolwana tse shebaneng le mabala a itseng a kgwebo.
  • Ditshebeletso tsa Tlhahiso ya Matla (Power Generation Services), e neng e bitswa Turbo Machinery Services, e lokisang le ho hlokomela metjhini ya turbo hape e fana ka ditshebeletso tsa metjhini e bohareng ho isa ho e meholo ho indasteri e akaretsang ya boenjineri.
  • Ditshebeletso tsa Kabo ya Matla (Power Distribution Services) e lokisang le ho hlokomela ditransfomara le thepa ya switchgear.  
  • Ditshebeletso tse Kgolo tsa Metsi (Bulk Water Services), e tsamaisang, lokisang le ho hlokomela merero ya metsi.
Roshcon SOC Ltd
  • Thepa ya Motlakase (Electrical Infrastructure), e laolang dikonteraka tsa kenyo ya motlakase le ditshebeletso tsa taolo ya ditjhelete tsa motlakase.
  • Thepa ya Kaho ya Mebila le Matamo (Civil Infrastructure) (e sebetsa ho kaho e akaretsang ya mebila le matamo).  
  • Karohanyo ya Dithole (Waste Beneficiation), e tsamaisang konteraka ya nako e telele ya pokeletso ya dikgwerekgwere tsa tjheso ya tshepe).
  • Disebediswa tsa Dithole, Tikoloho le tse Kgolo (Waste, Environmental and Bulk Materials), e laolang dithole tsa mahae, indasteri le dimmaene, le pokeletso le tlhabollo ya disebediswa tse kgolo.  
  • Rotran, e laolang sehlopha sa makoloi a dipalangwang tse kgolo.
  • TAS Automotive, e rekisa diteraka tsa MAN le dikarolo tse sphere, hape e fana ka ditshebeletso tsa wekshopo bakeng sa diteraka.
  • Lekala la Rosherville Properties le laola setsha sa dihektere tse 240 sa Rotek se Rosherville haufi le bohareng ba Johannesburg.
Pebble Bed Modular Reactor SOC Limited
  • Khamphani ena e thehilwe ka maikemisetso a ho rekisa theknoloji ya Pebble Bed Modular Reactor ka hara naha le lefatsheng ka bophara.
Trans-Africa Projects (Pty) Ltd
  • Khamphani ya boenjineri ya phetiso ya motlakase le tsamaiso ya merero
Trans-Africa Projects Ltd (Mauritius)
  • Khamphani ya boenjineri ya phetiso ya motlakase le tsamaiso ya merero.
  • E fana ka lethathamo le leholo la ditshebeletso ho tloha ho phano ya keletso ya seprofeshenale ka EPCM, ho khomishena le tlhokomelo.
  • Tsebo ya merero ho Afrika e Borwa le e Sub Sahara. Phano ya sehlooho ya keletso ya seprofeshenale le EPCM tse mmalwa.
South Dunes Coal Terminal SOC Ltd
  • SDCT e na le tokelo ya ho nka karolo katisong ya seteishene sa thekiso ya kantle ho naha ya mashala se Richards Bay. Tshebetso ena e tla thusa morero wa Golang Coal.
Eskom EnergieManantalis.a
  • Bophara: Tshebetso ya tsamaiso le tlhokomelo ya letamo la Manantali. Seteishene sa matla a haedro sa 200MW le mela ya phetiso e amanang e hokahanyang ditsi tse tharo tsa motlakase tsa Mali, Senegal le Mauritania.
  • Hape e kenyelletsa taolo ya tjhelete, tsamaiso ya mesebetsi ya polokelo tse kgolo, thomelo le thero ya matla.
Eskom Telecomms (Lekala la EE)
  • Kgwebo ya poraefete ya netweke e sebeletsang kgwebo e laotsweng ya Eskom.
Eskom Aviation (Lekala la EE)
  • Lekala lena le fana ka tshebeletso ya teranseporoto ya moyeng ho Eskom Enterprises le Eskom empa e boetse e hirisa le difofane ka dinako tsa tlhokahalo e tlaase.
Golang Coal SOC Ltd
  • JV ya ho sebedisa ditokelo tse teng tsa ho mmaena mashala. Ha e ya ikemisetsa ho fumana ditokelo tsa dimmaene nakong e tlang. E ikemiseditse ho fokotsa theko ya Eskom ya mashala. Ho mmaenwa ha mashala moo mashala a kereite e tlaase a tla rekisetswa Eskom, mme mashala a kereite e hodimo a tla rekiswa kantle ho naha. Bobedi Anker le Eskom ke beng ba ditokelo mme bobedi ba ditokelo tsena bo tla sebediswa ka tshebetso ya kopanelo.
Rosherville Properties SOC Ltd
  • Khamphani e sa sebetseng e tshwereng ditsha tse mmalwa
Eskom Uganda Limited
  • E tsamaisa le ho hlokomela diteishene tse pedi tsa matla a haedro Uganda tlasa tumellano ya dilemo tse 20, e leng Nalubaala le Kiira.
DIKHAMPHANI TSE KA TLASE TSE FEDISWANG:
Technology Services International SOC Ltd
Nepskom Communications Ltd (Nigeria)
Eskom Enterprises Global West Africa Limited

 

Back to Top

KATLEHO YA ESKOM

Eskom e hapile moputso wa kgwebo e tshwarellang

Tlaleho e Kopantshweng ya Eskom ya 2011 e ile ya hopolwa mme ya fumana sebaka sa bobedi ho Ernst & Young: Ketsahalo ya Tlaleho ya Meputso ya Kgwebo e Tshwarellang bakeng sa 2011 e ile ya tshwarelwa ho Johannesburg Securities Exchange ka  19 Mphalane 2011. Mohlodi ya leng sebakeng sa pele e ne e le Bidvest Group mme AngloGold Ashanti ya nka sebaka sa boraro. Ena e latelwa ke moputso bakeng sa Tlaleho ya Kgwebo e kgabane e fumanwe ke Eskom ka di 12 Lwetse 2011, hape ho tswa ho Ernst & Young moo Eskom e neng e le e nngwe ya dikhampani tse 10 tse ileng bolelwa hore di Kgabane.

Moputso ona o kgetholla Eskom e le mokgatlo o itlammeng bakeng sa ntshetsopele e tshwarellang ka ho kopanya lehlakore la tsa ditjhelete tsa kgwebo ya yona le tshenolo ya diphephetso tsa kgwebo e tshwarellang, tswelopele le ho beha Zero harm boemong ba pele bakeng sa batho le tikoloho.

JSE Spire Awards 2011 Eskom Holdings e ile ya putswa ka ho ba Moabi ya molemo ka ho fetisisa

Moputso ona o fuwa moabi ya itlammeng ka ho se pate letho, jwalo ka ha a bontshitse ka kabelano ya kamehla le e sa fetoheng ya tlhahisoleseding le babeheletsi le bankakarolo ba bang ba mmaraka. E bontshitse ka ho hlaka bokgoni ba boqaphi le karabelo maemong a mmaraka le ditlhoko tsa babeheletsi. Bankakarolo kaofela ba mmaraka ba lokela ho ikutlwa hore ba ka ananya ka sekoloto sa mokadimi ka boitshepo.

Moputso wa - Public Sector Excellence Award

Eskom e ile ya hlola kgau ya kgauta ho "sektara e kgabane: khatekhoring ya sektara ya eneji le diminerale" ho 2011 Public Sector Excellence Awards, e tshwaretsweng Johannesburg ka di 31 Pherekgong 2012. Di-public sector awards tsa selemo le selemo di hlophisitswe ke bohato bo nkilweng ke khampani ya baahi e sa etseng phaello e ikemetseng ho dikhampani tse ikemetseng. Ba bang ba neng ba hlodisana le yona e ne e le PetroSA le NERSA.

Eskom Finance Company le ABSA Capital Moputso wa - EMEA Finance award

Eskom Finance Company e theile lenaneo la sekhuritiseishene le tshehetsang rente ya badudi ya R5 billion , Nqaba Finance 1 (Proprietary) Limited, ka morero wa ho fana ka thuso ya ditjhelete ho kadimo ya rente  ho tswa marakeng wa moruo wa Afrika Borwa. ABSA Capital ke mohlophisi ya etelang pele a ikemetseng a le mong wa thekisetsano mme e ile ya kgethuwa ke EMEA Finance jwalo ka ntlo ya sekhuritiseishene ya selemo e molemo ka ho fetisisa. Nqaba e ile ya hapa moputso wa ho ba dili ya sekhuritiseishene e molemo ka ho fetisisa ho EMEA.

Dili ya sekhuritiseishene e ile ya hasangwa ka hodimo ho dithekisetsano tse pedi tse ileng tsa kwalwa ka karohano ya dikgwedi tse tsheletseng. Ka Motsheanong 2011, R897 million e ile ya fanwa, e fana hape ka thuso ya ditjhelete ya dinoutsu ya nako e setseng ya ho lefa lounu e tlohang ho selemo se le seng ho ya ho tse hlano. Ena e ile ya latelwa ka Pudungwana 2011 ke sekhuritiseishene ya kadimo ya lounu ya nako e kgutshwane ya R398 million e nkang dikgwedi tse 18 hore e lefellwe. Bonto ya Motsheanong e ile  hodimo ka makgetlo a 3.8, ha dili ya Pudungwana e fumane di-bids tsa tjhelete e ka bang R731 million. Ntlha e nngwe e thahaselling ya katleho ya di dili e ne e le bankakarolo ba mmaraka ba bileng le seabo mmaraka o na le babeheletsi ba 25 ba bohlokwa, 18 ya bona e ile ya bida bakeng sa dinoutso tsena.

Moputso wa - Investment Analysts Society (IAS) (Squirrel) Award

Ena ke ntho e thahasellisang bakeng sa rona kaha ke kgetlo la pele khampani e sa listwang, mme ka ho kgetheha e le khampani ya mmuso, hore e ikgapele e nngwe ya di "squirrels" tse lakatswang tsa IAS. Squirrel, seemahale sa boronse, se fuwa dikhampani bakeng sa Bokgabane ho Tlaleho ya Ditjhelete le Puisano. Re ile ra hlola moputso bakeng sa karolo ya rona, e leng Matheriale wa Motheo le Disebediswa. Bahludi ba nako e fetileng karolong ena ba akarelletsa dikhampani tse jwalo ka Anglo American, BHP Billiton le Arcelor Mittal.

Investment Analysts Society e na le ditho tse ka bang 1 800, ba voutang ha ho fanwa ka meputso. Mokgatlo ona haesale e le teng ka dilemo tse ka hodimo ho 40 mme e fana ka foramo moo diporofeshinale mmarakeng wa tsa ditjhelete babeheletsi, di-bond le dianalisti tsa mmaraka wa tekano, di-stockbrokers, barekisi le phatlalatso ya tsa ditjhelete e ka kopana le dikhampani tse listilweng tsa JSE mme ya hlahlobisisa tshebetso ya dikhampani tsena. Mokgatlo ona o ba le dinehelano tsa kamehla bakeng sa ditho tsa yona tsa dikhampani tse listilweng, mme ho vouta bakeng sa meputso ho itshetlehile ka seo hape le tlaleho ya selemo le selemo ya dikhampani le dipuisano tse ding tsa ditjhelete.

Eskom ha se khampani e listilweng, empa jwalo ka ha re le khampani ya mmuso sena se bolela hore ke khampani ya ma Afrika Borwa - ditekanelo tseo re ipehelang tsona bakeng sa puisano e sa pateng letho le e nakong e lokela hore bonyane e be boemong bo phahameng jwalo ka dikhampani tse listilweng. Eskom haesale e le moetapele wa tlaleho e kopaneng mme re ntlafaditse boleng le ho ba nakong haholo bakeng sa dipalo tsa rona le bakeng sa puisano ya rona dilemong tse mmalwa tse fetileng.

Moputso wa - Golden Key Award for Public Body of the Year (2009)]

 South African  Human Rights Commission e ile ya tsebisa hore Eskom Holdings Limited ke mohlodi wa selemo sena wa moputso wa openness and  responsiveness award the Golden Key Award for Public Body of the Year (2009).

E tshwarwang selemo le selemo ka International Right to Know Day (28 Lwetse), Golden Key Awards ke boikgathatso bo kopanetsweng pakeng tsa South African Human Rights Commission le Open Democracy Advice Centre. Mekgatlo ena e ikemiseditse ho hopola mafapha a mmuso, motlatsi wa ofisiri ya tlhahisoleseding le mekgatlo ya poraefete bakeng sa tsela ya ho etsa dintho e molemo haholo ho hodiseng dipono tse phosethivi ho etseng dintho ka ntle le ho pata le ho kenya tshebetsong disistimi tsa mokgatlo tse sebetsang le mekgwa-tshebetso e phahamisang ho ikokobeletsa ditokisetso tsa Promotion of Access to Information Act (PAIA).

Eskom e fumane moputso wa Golden Key Award bakeng sa ho ba Lefapha le Molemo ka ho Fetisisa hape le Mokgatlo o Molemo ka ho Fetisisa (ka kakaretso).

Back to Top              

BOIPHIHLELO BA ESKOM
Lebitso la Eskom
 
 
Sunday Times
 
Eskom e kgethilwe e le “Khamphani eo batho ba batlang ho e sebeletsa ka ho fetisisa” ke koranta ya Sunday Times. Dikgau di boetse di fumanwe ho mekgahlelo ya “Ntlafatso ya Setjhaba” (sebaka sa bobedi), le “Khamphani e kgolo e sebetsang ka thata ho hlokomela tikoloho le mehlodi ya tlhaho” (sebaka sa bobedi)
Operation Khanyisa
 
Letsholo lena le amohetse Orchid ho tswa ho Independent Newspapers bakeng sa tsela e hlabollohileng eo e e sebedisang ho bapatsa bakeng sa setjhaba sa yona, hammoho le kgau ya dipapatso ya Loerie ho mokgahlelo wa Ubuntu
Kgau ya Star Award ho tswa ho Crime Line e amohetswe ka lekgetlo la bobedi
Dikgau tsa bo 13 tsa selemo tsa Olive Empowermet
 
Eskom e bile moamohedi wa dikgau tse pedi ketsahalong ena e neng e le ka la 25 Mmesa 2014, e leng kgau ya Ntshetsopele ya Setjhaba le Moruo bakeng sa sekolo sa dikonteraka sa Eskom Development Foundation, le kgau ya Ntshetsopele ya Kgwebo le Morekisi bakeng sa ntshetsopele le ketso ya mahae ya bareki bakeng sa Group Commercial
Koranta ya Mail & Guardian
 
Eskom e kgethilwe e le Khamphani e ka Hodimo ya Boenjeneri ke baithuti ba thuto ya boenjeneri, me ya nka sebaka sa bobedi ho baithuti ba MBA le ba diprofeshenale
Finweek
 
Eskom e fumane maemo a bone bakeng sa lebitso le tummeng ho fetisisa Afrika Borwa
Bahlokomedi ba Rona
 
 
Setsi sa Tsamaiso ya Bahiruwa
 
Lekala la tsa khiro ya basebetsi la Eskom le kgethilwe jwalo ka mohlodi mokgahlelong wa Sehlopha sa Lefapha la tsa Khiro (HR) sa Selemo. Moeletsi ya ka Sehloong ya Tshwereng mokobobo bakeng sa Merero ho EAL o hapile kgau ya selemo ya ‘Mosebeletsi wa HR’ bakeng sa tshebetso ya hae e tswileng matsoho lefapheng leo
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya SA
 
Eskom e fuwe kgau ya Golden Key bakeng sa tshebetso e tswileng matsoho ke setsi sa setjhaba
Stars of Africa
 
Eskom e fumane kgau ya Kgauta ya Stars of Africa 2013 ho mokgahlelo wa Kgodiso ho Eskom Contactor Academy
African Utility Week
 
Dr Steve Lennon o amohetse kgau ya boiphihlello ba bophelo bohle bakeng sa mosebetsi wa hae o tswileng matsoho indastering ya tsa motlakase ho dikgau tsa indasteri tsa African Utility Week
Mmonelipele wa CIO wa Selemo
 
Ofisiri e ka sehloohong ya tlhahisoleseding (CIO) ya Eskom, Sal Laher, ebile mohapi wa kgau e hlomphehang ya Mmonelipele wa CIO wa Selemo.  Kgau e lemoha mophethahatsi diindastering tsohle Afrika Borwa ho pota ya bontshitseng pono le boetapele ka ho sebedisa theknoloji ho tshehetsa le ho hodisa kgwebo
Mookamedi wa Selemo
 
Ayanda Nakedi, Mookamedi e Moholo ya Akaretsang wa yuniti ya kgwebo ya tse Ntjhafatswang o hapile kgau ya 2013 ya Mookamedi wa Selemo
Ramolao ya Akaretsang wa Selemo
 
Ho dikgau tsa African Legal, Willie du Plessis, Mookamedi ya Akaretsang (Setsebi sa tsa Molao), o hapile kgau ya Ramolao ya Akaretsang wa Selemo
 
 
 
Ho tlaleha ho kopantsweng
 
 
Ho tlaleha ho kopantsweng ha Nkonki SOC
 
Ka Phupu 2013, Eskom e hlahelletse jwalo ka mohlodi ya akaretsang wa Dikgau tsa 2013 tsa Nkonki SOC tsa Ditlaleho tse Kopantsweng. Eskom e boetse ya hapa dikgau tse ding tse amanang le puso le tshebediso ya King III
Mokgatlo wa Bamanolli ba tsa Tsetelo wa Afrika e Borwa
 
Ho dikgau tsa selemo tsa bo 28 tsa Investment Analyst’s Society, Eskom e hapile kgau mokgahlelong wa tlhahiso e tswang pele ho karolo ya mmaraka e fetang dibilione tse R30
Association of Chartered Certified Accountants
 
Tlaleho e kopantsweng ya Eskom e bile mohapi mokgahlelong wa mehlodi
Ernst & Young Excellence in Integrated Reporting
 
Eskom e kgethilwe ele “Motlalehehi ya Tswang Pele” ho ketsahalo ya Ernst & Young ya 2013 ya pele ya Dikgau tsa Bokgoni ho Ditlaleho tse Kopantsweng 
Kgau ya Chartered Secretaries Southern Africa le JSE Limited
 
Ka Pudungwane 2013, Eskom e fumanwe e le mohlodi ya kopanetseng kgau le Transnete, ho mokgahlelo wa dikhamphani tsa mmuso
Tshwarello
 
 
Lefapha la Merero ya Metsi
 
Eskom e tlile boemong ba bobedi ho dikgau tsa Poloko ya Metsi le Lekala la Tsamaiso ya Patlo ya Metsi (dimmaene, indasteri, le motlakase)
Ditshebetso
 
 
Institute of Management Consultants ya Afrika Borwa
 
Lefapha la Eskom la Sehlopha sa IT le fumane kgau bakeng sa kenyo tshebetsong ya morero wa SAP
SAP AG
 
Eskom e fumane netefaletso e ikemetseng ya SAP Centre of Excellence ho tswa ho SAP ya matjhaba, ka sephetho sa 192 ho 200, ho e etsang e nngwe ya dikhamphani tse nne feela tse fihletseng boemo bona ba netefatso
Enterprise Mobility Forum
 
Eskom e hapile dikgau tse pedi tsa Mobility – e nngwe bakeng sa karabelo e tswang pele ya Kabo ya bohwebi bakeng sa sesebediswa se tshwarwang ka letsoho sa basebetsi ba kantle le ya bobedi bakeng sa puseletso e tswang pele ho tsetelo bakeng sa sesebediswa se tshwarwang

 

 Manuale o tswelapele ho Karolo 2